DITATAISO TSA TLHAHISOLESEDING KA NAC
Tlhahisoleseding ena e kopantshitswe bakeng sa ho thusa wena ka kopo ya hao ya ho fumana thuso ya tjhelete ho tswa ho NAC. Ditataiso tsena di sebetsa feela diprojekeng ya thuso ya ditjhelete.
Ke mang ya tshwanelehang ho fumana thuso ya ditjhelete?
Batho, Dihlopha tsa motse, di-institjhushene le dikhampani di ka kopa thuso ya tjhelete. O ka etsa kopo ya thuso ya tjhelete tlasa makala ana a latelang a bonono, Tsebo ya Mesebetsi ya Matsoho, Motanso/Khoreokerafi, Dingolwa, Mmino le Theatre ya Mmino, Theatre/Terama,Makala a Fapafapaneng le Bonono bo Bonwang. Mekgatlo, di-institjhushene le dihlopha di tshwanetse ho ngodisa ho ya ka molao. Bakopi ba tshwanetse ho ba batho ba baholo ka ho ya ka molao mme e be batho ba Afrika Borwa.
Batho
Kopo tsa batho ke tse etsuwang ke motho ka mong ya qadileng projeke. Ha ho na batho ba bang ba lokelang ho hirwa projekeng ena. Sepheo sa hona ho tswela molemobangodi ba dipapadi tsa kalaneng ka bong, dikhoreokerafa, baqapi le bapenti.
Mokgatlo
Ka mokgatlo re bua ka sebopeho se ngodisitsweng se nang le batho ba sebetsang mmoho.
Thuso ya Projeke ka tjheleteRe kopa hore o ele hloko hore NAC e ka nna ya se be maemong a ho thusa ka tjhelete ya tekanyetso yohle ya projeke. Ka hoo o eletswa ho tswela pele ka ho batla thuso ya ditjhelete ho tswa mehloding e meng. Ka kakaretso, thuso ya tjhelete e tla ba ya mananeo a bonono. Dikhotheishene tsa ditjeo di lokela ho tsamaya le foromo ya kopo mme bakopi ba TSHWANETSE ho bolela mehlodi yohle e meng e ba thusang ka ditjhelete. Boholo ba nako ya ho tsamaisa projeke dikgwedi tse leshome le metso e mebedi. Ho tshwanetswe hore ho hlahiswe mabaka ha ho na le ditjeo tsa tsamaiso tse fetang 15%. Diprojeke di thuswa ka tjhelete ha nngwe feela selemong sa ditjhelete. Dikopo tsohle di tshwanetswe ho etswa diforomong tsa kopo tsa semmuso tsa NAC. Diprojeke di lokela ho ba atereseng e boletsweng foromong ya kopo. Diphetolo dife kapa dife tsa aterese di lokelwa ho bolellwa ba diofisi tsa NAC matsatsing a 7.
Diprojeke tsa Bohahlaudi
Dikopo tsa bohahlaudi di tla elwa hloko haebe bohahlaudi bo lohothwang bo tla ba le kabelo sebopehong sa naha sa khampani kapa sehlopha mme bo eketsa boleng bophelong ba batho ba Afrika Borwa ka kakaretso. Bakopi ba menngweng ho ya bapala ka ntle ho naha ba tshwanetse ho ba le mofuta o mong wa tshehetso ya tjhelete ho tswa naheng mo memileng kapa mokgatlong o mo memileng. Naha/mokgatlo o mo memileng o lokela ho romela bopaki ba ditjeo tse jwalo ka tsa bodulo, dijo, tjhelete eo a tla e sebedisa letsatsi le letsatsi le ya dipalangwang ka hara naha eo. Tumellano ya ho bapala le yona e lokela ho tsamaya mmoho le kopo ho ya ho NAC. NAC e ke ke ya ela hloko kopo efe kapa efe ya ho etela mose ha ho sa fanwa ka ditokomane tse kopilweng. Maemong ohle, NAC e ke ke ya ba motshehetsi ya mng feela wa ditjhelete. NAC e na le tokelo ya ho felehetsa bakopi bohle ma etelang dinaheng tsa matjhaba.
Dibasari
Thuso ya ditjhelete boemong ba Naha
Dikopo di romelwa ho dihlooho tsa mafapha tsa di-institjhushene. Bongata ba kabelo ya tjhelete bo tla iswa ho thuso ka tjhelete ya ?Boloko?.
Ba ithutelang postgraduate ba tla thuswa hanngwe feela hore ba fumane mangolo a bona a thuto.
Thuso ya Ditjhelete ya Matjhaba:
NAC e thusa ka tjhelete dithutong tsa matjhabeng boemong ba undergraduate mmoho le ba post graduate. Dikopo tsena di ka ananelwa haebe mangolo ao a thuto ha wa yo ka hara naha. Bopaki ba kananelo bo tshwanetse ho tsamaya le dikopo. NAC e ke ke ya ba mothusi wa ditjhelete e le nngwe.
Thuso ka tjhelete ho Khampani
Letona la Naha la Bonono le setso le ananetse ho thuswa ka ditjhelete ha dikhampani tse ding tsa bonono bakeng sa nako ya dilemo tse tharo. Sepheo sa ho thusa dikhampani hape ke ho etsa hore dikhampani tse amehang mesebetsing ya bonono di be le botsitso mme di thuse ho theha mesebetsi e metjha le menyetla ya mesebetsi bakeng sa dinono. Thuso ya tjhelete e tshwanelwa ho fuwa mekgatlo ingodisitseng. Bakopi ba mengwa hang ka mora dilemo tse ding le tse ding tse tharo. Mofuta ona wa thuso ya ditjhelete ke ya dikhampani tsa bonono tse itshupileng di etsa mesebetsi e kgahlehang. Bao ba ka bang bakopi ba lokela ho ba le ditokomane tsena tse latelang: sebopeho sa khampani, moralo wa kgwebo, ho kenyelletswew le lenaneo la bonono, ditatemente tsa ditjhelete tse hlakisitsweng, sebopeho sa botsamaisi le boto.
Dintho tse sa thusweng ka ditjhelete
Tumellano le tsamaiso
Bakopi ba kotjwa hore ba romele ditokomane tsohle tse hlokehang le dikopo tsa bona. Dikopo tse rometsweng ka fekse, tse sa saenwang, tse rometsweng ka emeile le tse sa tlwatswang hantle, di ke ke tsa amohelwa. Dikopo tse sa tlwatswang hantle ka botlalo di ke ke tsa elwa hloko.
Matsatsi a ho qetela a dikopo
Matsatsi a ho qetela a dikopo a phatlalatswa dikoranteng tse kgolo tsa naha le weposaeteng ya NAC. Dikopo tse diehileng le tse sa tlwatswang hantle di ke ke tsa elwa hloko empa di tla sutisetswa kopanong e latelang ya thuso ka tjhelete. NAC e na le tokelo ya ho ananela/hanela kopo.
Tshireletso ya ditokelo: NAC e na le tokelo ya ho ka fana ka ditjhelete ho ya ka dintho tse leng ka hodimo lenaneng la lenaneo la NAC. Sena ha se tshehetse ditokelo tsa molao wa motheo tsa mokopi ofe kapa ofe. Ha ho na mokopi ya tla ba e tokelo e tla itlela feela ya ho thuswa ka ditjhelete; dithuso tsa tjhelete tsohle di etswa ka boikgethelo ba NAC.
Dipatlisiso le Tlhahisoleseding
